Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:23 - BIBELE

23 Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Omeri a qala ho busa naha ya Iseraele. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi; tse tsheletseng tsa tsona a di qeta a le Tiresa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong sa Asa, morena wa Juda, Omri a qala ho busa Iseraele; a busa ka lemo tse leshome le metso e mmedi; a busa ka tse tsheletseng a le Thirtsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:23
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a ya aha Tiresa.


Empa setjhaba se ileng sa latela Omeri sa hlola se neng se latetse Tibeni, mora wa Ginate; kahoo Tibeni a shwa, mme Omeri ya eba kgosi.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Akabe, mora wa Omeri, a qala ho busa naha ya Iseraele. Akabe, mora wa Omeri, a busa naha eo ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi a le Samaria.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e tsheletseng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Ela, mora wa Basha, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Tiresa. A busa ka dilemo tse pedi.


Akasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka selemo se le seng feela, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Ataleya, setloholo sa Omeri, kgosi ya Iseraele.


Akasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa, mme a busa ka selemo se le seng feela, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Ataleya, setloholo sa Omeri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ