Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:22 - BIBELE

22 Empa setjhaba se ileng sa latela Omeri sa hlola se neng se latetse Tibeni, mora wa Ginate; kahoo Tibeni a shwa, mme Omeri ya eba kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Empa ba latetseng Omri ba hlola ba latetseng Thibni, mora Ginathe; yaba Thibni o a shwa, mme Omri ya eba morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:22
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale setjhaba sa Iseraele sa aroha dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibeni, mora wa Ginate, sa re se mo etsa kgosi, mme se seng sona sa latela Omeri.


Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Omeri a qala ho busa naha ya Iseraele. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi; tse tsheletseng tsa tsona a di qeta a le Tiresa.


Akasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka selemo se le seng feela, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Ataleya, setloholo sa Omeri, kgosi ya Iseraele.


Kaofela ha bona ba tjhesa sa sebopi, ba fenethile babusi ba bona. Dikgosi tsa bona di wele mofela, ha ho e kile ya ipiletsa ho nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ