Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:21 - BIBELE

21 Jwale setjhaba sa Iseraele sa aroha dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibeni, mora wa Ginate, sa re se mo etsa kgosi, mme se seng sona sa latela Omeri.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jwale, setjhaba sa Iseraele sa kgaohana koto tse pedi, se seng sa latela Thibni, mora Ginathe, ho mmea morena; se seng sa latela Omri.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:21
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa bobedi Asa e le kgosi ya Juda, Nadabe, mora wa Jeroboame, a qala ho busa setjhaba sa Iseraele, mme a se busa ka dilemo tse pedi.


Basha a bolaya Nadabe ka selemo sa boraro sa puso ya Asa, kgosi ya Juda, mme Basha a busa sebakeng sa hae.


Ditaba tse ding tsa Simeri, le bohlabaphiyo boo a neng a bo etse, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Empa setjhaba se ileng sa latela Omeri sa hlola se neng se latetse Tibeni, mora wa Ginate; kahoo Tibeni a shwa, mme Omeri ya eba kgosi.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Akabe, mora wa Omeri, a qala ho busa naha ya Iseraele. Akabe, mora wa Omeri, a busa naha eo ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi a le Samaria.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e tsheletseng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Ela, mora wa Basha, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Tiresa. A busa ka dilemo tse pedi.


Tjhaba ha se le kgopo se hlahlamanya babusi, empa toka e hlaha ka ya nang le bohlale le tsebo.


“Ke tla qabanya Moegepeta le Moegepeta, ngwanabo motho a lwantshane le ngwanabo, motho a lwantshane le ya ahisaneng le yena, motse o futuhele motse, mmuso o futuhele o mong.


Ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, mme ha ho motse kapa lelapa le ikarolang ho itwantsha le ka tiyang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ