Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:2 - BIBELE

2 “Ho tloha haesale ke o ntsha leroleng, ke o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele, o nnile wa tsamaya mehlaleng ya Jeroboame. O entse hore setjhaba sa ka sa Iseraele se ntshitelwe, mme se mphephetse hore ke se halefele ka baka la dibe tsa sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Erekaha ke o phahamisitse, ka o ntsha leroleng, ka o bea modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele, mme o ile ka mehlala ya Jeroboame, wa sebisa setjhaba sa ka sa Iseraele, ke tle ke halefiswe ke dibe tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:2
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla lahla bana ba Iseraele ka baka la dibe tseo Jeroboame a di entseng, le tseo a entseng hore bana ba Iseraele ba di etse.”


Tsamaya, o yo bolella Jeroboame, o re: ‘Morena Modimo wa Iseraele, o re: Ke o phahamisitse hara setjhaba, mme ka o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele.


A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya ntatae, a etsa sebe se kang sa ntatae, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, a etsa sebe se kang sa Jeroboame, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Jwale Moshe a re ho Arone: “Setjhaba see se o senyeditse eng, ha o se tliseditse sebe se sekaalekaale?”


Bana ba rwalla patsi, bo-ntata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama, ba etsetsa mofumahadi wa lehodimo maqebekwane. Ba etsetsa medimo e meng dinyehelo tsa dino, hore ba mphephetse ke tle ke utlwe bohloko.


Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo.


a theola babusi diteroneng, a phahamisa ba eisehang,


Wee, bana ba ka, ditaba tseo ke utlwang setjhaba sa Morena se di phatlalatsa hohle, ha di ntle ho hang.


Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona.


Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ