Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:19 - BIBELE

19 E ne e le ka baka la dibe tseo a ileng a di etsa, ka ho etsa bobe mahlong a Morena, ka ho tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, le ka ho etsa sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 A shwa ka baka la dibe tseo a sitilweng ka tsona, kamoo a kileng a etsa ho leng hobe kateng, mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya Jeroboame le ka sebe seo a sitilweng ka sona, a ba a sebisa le Baiseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:19
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba kgosi Jeroboame a ikeletse, a bopa manamane a mabedi ka kgauta, mme a re ho setjhaba: “Baiseraele, tsela ya Jerusalema le e kutlile, ho lekane! Medimo ya lona ke ena, e le ntshitseng naheng ya Egepeta!”


Morena o tla lahla bana ba Iseraele ka baka la dibe tseo Jeroboame a di entseng, le tseo a entseng hore bana ba Iseraele ba di etse.”


A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya ntatae, a etsa sebe se kang sa ntatae, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Polao ena e ile ya bakwa ke dibe tseo Jeroboame a ileng a di etsa, a ba a dihela Baiseraele ho tsona; kahoo a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, mme Morena a ba a mo halefela.


A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, a etsa sebe se kang sa Jeroboame, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


ka baka la dibe tsohle tsa Basha, le dibe tsohle tsa Ela, mora wa hae, tseo ba ileng ba sitelwa Morena ka tsona, ba etsa hore le Baiseraele ba sitwe, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, ba mo halefise ka medimo ya bona ya bohata.


A tsamaya mehlaleng yohle ya Jeroboame, mora wa Nebate, a etsa le sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, hore a ba halefele ka baka la medimo ya bona ya bohata.


Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jehu, mora wa Hanani, le nyatsa Basha le ba lelapa la hae, ka baka la bobe bohle boo a ileng a bo etsa moo Morena a ntseng a bona. Ka mesebetsi ya hae a phephetsa Morena hore a mo halefele, e se feela hobane a ile a etsisa lelapa la Jeroboame, empa le kahobane a ile a le timetsa.


Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ