Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:16 - BIBELE

16 Bahlabani bao ba utlwa ho thwe: “Simeri o ile a rera kgosi, mme o e bolaile.” Ka lona letsatsi leo, hona moo diahelong, bahlabani bohle ba bea Omeri, molaodi wa lebotho la bona, hore e be yena kgosi ya naha ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Setjhaba se lwantshang Gibbethone, eitse ha se utlwa ho thwe: Simri o fetohetse morena, o mmolaile tsatsing lona leo, Baiseraele bohle ba diahelong ba bea Omri, molaodi wa makgotla, e be morena wa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:16
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Basha, mora wa Ahiya, wa ntlo ya Isakare, a mo rera, mme a mmolaela motseng wa Bafilesita o bitswang Gibetone, ha bo-Nadabe le Baiseraele bohle ba ne ba etseditse motse oo thibella.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Simeri a busa ka matsatsi a supileng, a le Tiresa. Bahlabani ba ne ba etseditse motse wa Gibetone, o naheng ya Bafilesita, thibella.


Yaba Omeri o tloha Gibetone, o nyolohela Tiresa a ena le Baiseraele bohle, mme ba etsetsa Tiresa thibella.


Empa a etsa tse mpe mahlong a Morena, ho feta bohle ba bileng teng pele ho yena.


Akasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka selemo se le seng feela, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Ataleya, setloholo sa Omeri, kgosi ya Iseraele.


Akasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa, mme a busa ka selemo se le seng feela, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Ataleya, setloholo sa Omeri.


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ