Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:15 - BIBELE

15 Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Simeri a busa ka matsatsi a supileng, a le Tiresa. Bahlabani ba ne ba etseditse motse wa Gibetone, o naheng ya Bafilesita, thibella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Asa, morena wa Juda, Simri a qala ho busa, a busa tshiu tse supileng Thirtsa. Ke ha setjhaba se ne se lwantsha Gibbethone wa Bafilesta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:15
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba mosadi wa Jeroboame o a ema, o a tsamaya, o fihla Tiresa. Ha a qala a fihla mathuleng a ntlo, ke ha ngwana a eshwa.


Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a ya aha Tiresa.


Empa Basha, mora wa Ahiya, wa ntlo ya Isakare, a mo rera, mme a mmolaela motseng wa Bafilesita o bitswang Gibetone, ha bo-Nadabe le Baiseraele bohle ba ne ba etseditse motse oo thibella.


Simeri a kena ka tlung eo, a hlaba Ela, a mmolaya, e le ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng Asa e le kgosi ya naha ya Juda. Simeri a hlahlama Ela.


Bahlabani bao ba utlwa ho thwe: “Simeri o ile a rera kgosi, mme o e bolaile.” Ka lona letsatsi leo, hona moo diahelong, bahlabani bohle ba bea Omeri, molaodi wa lebotho la bona, hore e be yena kgosi ya naha ya Iseraele.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e tsheletseng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Ela, mora wa Basha, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Tiresa. A busa ka dilemo tse pedi.


Yare ha Jehu a kena ka kgoro ya motse, Jesabele a re: “Na o tla ka kgotso, wena Simeri, mmolai wa monga hao?”


Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?


Ke bone motho ya kgopo, motho wa mohatelli, a atleha sa fate sa leholela;


Naheng ya morabe wa Dane ba abelwa Eleteke le makgulo a yona, le Gibetone le makgulo a yona,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ