Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 15:18 - BIBELE

18 Asa a nka silefera yohle le kgauta yohle e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ka bahlanka ba hae ho Bene-Hadade, mora wa Taberimone, setloholo sa Heseone, kgosi ya Arame e neng e ahile Damaseka. A re ho Bene-Hadade:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba Asa o nka silefera yohle le kgauta tse setseng polokelong ya ntlo ya Jehova le polokelong ya ntlo ya morena, a di bea matsohong a bahlanka ba hae. Morena Asa a di romela ka bona ho Ben-Hadade, mora Tabrimmone, mora Hesione, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 15:18
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborame a arola mabotho a hae dihlopha, a ena le bahlanka ba hae, ba ba hlasela bosiu, ba ba lelekisa ho ya fihla Hoba e ka leboya ho Damaseka.


Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?”


A hapa matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A hapa tsohle, a hapa le dithebe tsa kgauta tse neng di entswe ke Solomone.


Ka Tempeleng ya Morena a tlisa tsohle tseo yena le ntatae, ba neng ba di abetse Morena. E ne e le silefera, le kgauta, le dintho tse ding.


Jwale Hasaele, kgosi ya Arame, a nyoloha, a futuhela Gate, a e hapa a nto rera ho futuhela Jerusalema.


Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema.


Diketso tse ding tsa Jowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya Diketsahalo ya Dikgosi tsa Juda.


Ka Tempeleng ya Modimo a tlisa dintho tseo ntatae a neng a di abetse Morena, le tseo yena a di abetseng Morena, e leng silefera, le kgauta, le dimpho tse ding.


“Marako a Damaseka ke tla a tjhesa, qhoboseheane tsa Bene-Hadade ke di timetse!”


Ntlo ya Hasaele ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Bene-Hadade ke a timetse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ