1 Marena 15:13 - BIBELE13 A tlosa le nkgonwae Maaka setulong sa bofumahadi, hobane o ne a entse setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a pshatla modimo oo wa bohata, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)13 Esita le mmae Maaka, a mo ntsha sefumahading, hobane a ne a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho seo sa hae, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.
Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele.
A thua dialetare tsa bo-Baale, a heletsa le ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tse neng di le kahodimo ho tsona. A senya ditshwantsho tsa Ashera , le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. Tsena a di silakanya, a di etsa thuethue, mme a e qhalla hodima mabitla a batho ba neng ba di etsetsa mahlabelo.