1 Marena 14:26 - BIBELE26 A hapa matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A hapa tsohle, a hapa le dithebe tsa kgauta tse neng di entswe ke Solomone. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)26 A nka maruo a ntlo ya Jehova le maruo a ntlo ya morena, a hapa tsohle, a ya le dithebe tsohle tsa kgauta tse entsweng ke Salomone. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema.