Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 14:19 - BIBELE

19 Ditaba tse ding tsa Jeroboame, tsa kamoo a ileng a hlabana kateng, le kamoo a ileng a busa kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Taba tse ding tsa Jeroboame, kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a busitseng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 14:19
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jeroboame o ile a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, a nto shwa. Nadabe, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ditaba tse ding tsa Nadabe, le tsohle tseo e ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Ditaba tse ding tsa Ela, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Ditaba tse ding tsa Simeri, le bohlabaphiyo boo a neng a bo etse, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Ditaba tse ding tsa Omeri, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Ditaba tse ding tsa Basha, le tseo a ileng a di etsa, le bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa ntlo eo a ileng a e haha ka manaka a tlou, le tsa metse yohle eo a ileng a e haha, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tseo Akasiya a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Jehu, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo ya Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, boo a neng a lwantshe Amasiya, kgosi ya Juda, ka bona, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Jehowakase, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a neng a lwane kateng, le kamoo a ileng a hapela Iseraele Damaseka le Hamate kateng, tseo e neng e le tsa Juda, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Sakariya di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Shalome, le bohlabaphiyo boo a ileng a bo etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Menaheme, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Pekahiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Peka, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Joabe, mora wa Seruya, o ne a ile a qala ho bala batho, empa a se ke a qeta. Ho bala setjhaba hoo ha tlisetsa Baiseraele kotlo; ka baka leo, palo eo ha ya ka ya ngolwa Bukeng ya Diketsahalo tsa kgosi Davida.


Baiseraele bohle ba balwa ho ya ka meloko ya bona, mme ba ngolwa Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele, le tsa Juda. Ka baka la ditshito tsa bona, ba thopuwa, ba iswa Babilona.


Diketso tse ding tsa Jehoshafate, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Jehu, mora wa Hanani, eo ditaba tsa hae di ngotsweng Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Amasiya, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Manase, le thapelo eo a neng a rapele Modimo wa hae ka yona, le dipolelo tsa baporofeta ba neng ba romilwe ke Morena Modimo wa Iseraele, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele.


Bosiung bona boo kgosi ya hlobaela, ya ba ya laela hore e tlisetswe buka eo ho ngotsweng diketsahalo tse fetileng ho yona, mme ya e ballwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ