Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 14:15 - BIBELE

15 Morena o tla tsukutla Baiseraele jwaloka lehlaka ha le tsukutlwa ke metsi. Morena o tla phahla bana ba Iseraele naheng ena e ntle, eo a e neileng bo-ntata bona, a ba qhalanyetse naheng e kamose ho Noka; hobane ba ile ba iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera, mme ba halefisa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane Jehova o tla otla Baiseraele, ba be jwaloka lehlaka ha le tsokotswa metsing; o tla qotsula Baiseraele fatsheng lena le molemo, leo a le neileng bontata bona, a ba qhalanyetse mose wane wa noka, kahobane ba iketseditse diashera, ba phepheditse kgalefo ya Jehova kahoo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 14:15
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O entse bokgopo ho feta batho bohle ba bileng teng pele ho wena. O iketseditse medimo e meng ya ditshwantsho tse bopilweng, hore o nkgalefise, mme jwale o mphuraletse.


Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


Ba tjhesetsa mokubetso hona teng, jwalokaha ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bona di ne di etsa. Ba etsa dintho tse mpe, mme ba halefisa Morena.


Ba furalla melao yohle ya Morena Modimo wa bona: Ba ipopela ditshwantsho tse pedi tsa manamane, ba iketsetsa setshwantsho sa Ashera; ba kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ba sebeletsa Baale.


Ba etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba bona le ka baradi ba bona; ba sebedisa bonohe le boloi, ba etsa bokgopo mahlong a Morena, hore ba mo halefise.


ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.


ke tla falatsa Baiseraele naheng ena ya ka, eo ke ba neileng yona. Tempele ena, eo ke e ikgalaleditseng yona, ke tla e furalla, mme e tla ba pale le sesomo hara ditjhaba tsohle.


O rata bobe ho ena le botle, le leshano ho ena le nnete.


Ba kgopo ba tla fediswa lefatsheng, mahlabaphiyo a timetswe ho lona.


Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ba fedile lefatsheng leo ke neng ke ba nee lona le bo-ntata bona.’ ”


Ho tloha mehleng ya kgale baporofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, ba nnile ba porofetela dinaha tse ngata le mebuso e matla, ba porofeta ntwa le koduwa le lefu la sewa.


Ba tla furalla naha, mme e tla thabela dilemo tsa phomolo ya yona, ha e ntse e se na baahi. Ba tla dumela ho otlelwa makgopo a bona, hobane ba ile ba furalla ditaelo tsa ka, mme ba hloya melao ya ka.


Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.


Kahoo ke tla le fallisa, ke le fallisetse ka nqane ho Damaseka,” ho rialo Morena, lebitso la hae ke Modimo wa mabotho.


“Baahi ba Gasa ba tla e baleha, Ashekelone e sale e le masupi. Baahi ba Ashedode ba tla phaladiswa, ba phaladiswe hara motsheare wa lengeta, Ekerone yona ebe e a ripitlwa.


Hoba baromuwa bao ba tsamaye, Jesu a qala ho bua le matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya?


A ba araba, a re: “Semela se seng le se seng se sa lengwang ke Ntate ya mahodimong se tla motsulwa.


Yare hoba baromuwa ba Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya?


Le ile la jara tente ya Moloke, le naledi ya modimo o bitswang Refane, e leng ditshwantsho tseo le di etseditseng ho di kgumamela. Kahoo ke tla le fallisetsa ka nqane ho Babilona.’


“Wena, hammoho le kgosi ya hao, eo o tla e bea teroneng, Morena o tla o isa setjhabeng seo wena le bo-ntatao le sa kang la se tseba, mme hona teng o tla sebeletsa medimo e meng ya lehong, le ya majwe.


Empa haeba le tla nne le etse bokgopo, lona, le kgosi ya lona, le tla timela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ