Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 14:11 - BIBELE

11 E mong le e mong wa ba lelapa la Jeroboame ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme e mong le e mong ya shwelang naheng, o tla jewa ke dinonyana tse fofang,’ hobane ho buile Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mora wa Jeroboame ya shwelang hae, o tla jewa ke dintja; ya shwelang naheng o tla jewa ke manong a lehodimo: hobane Jehova o itsalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 14:11
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntho ena ya eba sebe sa lelapa la Jeroboame, se ileng sa le fedisa, mme sa le timetsa lefatsheng.


Hoba Basha a nke puso, a bolaya bohle ba lelapa la Jeroboame; a se ke a siya le ya mong wa lelapa leo la Jeroboame a ntse a phela, ho fihlela lelapa leo le timella ruri. Ha phethehala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka mohlanka wa hae Ahiya wa Shilo.


Ka baka lena ke tla timetsa Basha le ba lelapa la hae; lelapa leo ke le etse seo ke neng ke se etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate.


E mong le e mong wa lelapa la Basha ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme ya shwelang naheng o tla jewa ke dinonyana tse fofang.”


O tle o fihle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae?’ O boele o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng.’ ”


Lelapa la Akabe ke tla le etsa seo ke neng ke se etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate, le seo ke neng ke se etse lelapa la Basha, mora wa Ahiya.


Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.”


Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo, topo tsa ba ileng ba ntshitelwa; boko tse ba jang ha di ka ke tsa eshwa, mollo o ba tjhesang ha o ka ke wa tima, mme batho bohle ba tla ba nyonya.”


“Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.


Ruri ke tla neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha.


Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ