Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 13:8 - BIBELE

8 Moporofeta wa Modimo a re ho kgosi: “Leha o ne o ka nnea halofo ya leruo la hao, ke ne nke ke ka ya. Nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi sebakeng sena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Monna wa Modimo a re ho morena: Leha o ka nkarolela ntlo ya hao ka lehare, nke ke ka ya le wena, leha e le ho ja bohobe le ho nwa metsi bakeng sena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 13:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o ntaetse jwalo, a re: ‘O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi, kapa wa kgutla ka tsela eo o tlileng ka yona.’ ”


Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana.


pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona.


Yaba ba re ho yena: “Modimo wa Baheberu o teane le rona; re dumelle jwale, re a kopa, re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, esere a re bolaya ka lefu la sewa, kapa ka sabole.”


Ka lona letsatsi leo Faro a laela bahlorisi ba setjhaba, le baokamedi ba basebetsi, a re:


O tla bua tsohle tseo ke o laelang tsona. Moholwane wa hao Arone o tla bolella Faro, hore a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya hae.


Bileame a arabela bahlanka ba Balake, a re: “Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena Modimo wa ka, ka ho etsa ntho e kgolo kapa e nyenyane.


Yaba Bileame o re ho bona: “Robaletsang mona bosiung bona, mme ke tla le arabela ho ya kamoo Morena a tla bua le nna kateng.” Mahosana ana a Moabe a robaletsa ha Bileame.


‘Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena ka ho etsa ho lokileng kapa ho hobe, ke tla bua feela seo Morena a reng ke se bue’?”


Ha le etswa sebakeng sefe kapa sefe seo ba sa le amoheleng ho sona, le ho le mamela, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.”


Yaba o a mo hlapanyetsa, o re: “Ke tla o fa eng kapa eng eo o tla nkopa yona, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ