Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 13:5 - BIBELE

5 Aletare le yona ya peperana, mme molora o hodima yona wa qhalana, ho latela pontsho eo moporofeta wa Modimo a ileng a e bolela, ka taelo ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 aletare ya petsoha, melora e aletareng ya tsholoha, e le pontsho eo monna wa Modimo a neng a e beile ka taelo ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 13:5
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona letsatsi leo a ba nea pontsho, a re: “Pontsho ya hore Morena o buile jwalo ke ena: Aletare ena e tla peperana, mme molora o hodima yona o qhalane.”


Yare ha kgosi Jeroboame a utlwa dipolelo tsa moporofeta wa Modimo, tseo a omanyang aletare ka tsona, a mo supa ka monwana, yena Jeroboame a ntse a le aletareng, a re: “Mo tshwareng!” Letsoho leo la hae, leo a neng a supile moporofeta ka lona, la satalla hoo a ileng a sitwa ho le kgutlisa.


Kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “Ako rapele Morena Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le fole.” Moporofeta enwa wa Modimo a rapela Morena, mme letsoho la kgosi la fola, la eba jwaloka pele.


Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, tsa fela tsa se ke tsa fela, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Elia.


Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, etlaba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”


Mohlang oo ntwa ya nna ya eketsa ho befa. Kgosi ya Iseraele e ntse e tadimile ka ho Baarame, ya ema e tsheheditswe ka kariking ya yona ya ntwa, mme ka phirimana ya eshwa. Madi a tswang leqebeng la kgosi a phalla, a ba a etsa letsha ka kariking ya yona ya ntwa.


“Mohla ke otlang Baiseraele, ke ba otlela dibe tsa bona, ke tla heletsa dialetare, aletare tsa Bethele; manakana a aletare a tla kgaolwa, a kgaolwe, a be a wele fatshe.


Ha e le bona ba tsamaya, ba ruta kahohle, Morena a ntse a sebedisana le bona, a tiisa lentswe ka dipontsho tse le felehetsang.


Ha moporofeta a bua ka lebitso la Morena, empa ntho eo a e buang e sa etsahale, e sa phethahale, ntho eo ke e sa buuwang ke Morena. Moporofeta eo o e buile ka boikakaso; le se ke la mo tshaba.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ