Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 13:33 - BIBELE

33 Esitana leha hona ho se ho etsahetse, Jeroboame a nna a tswela pele mekgweng ya hae e kgopo. Batho ba eisehang hara setjhaba a nna a ba etsa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Mang kapa mang ya ratang, a mo etsa e mong wa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Leha ho le jwalo, Jeroboame ha a ka a fapoha tsela ya hae e mpe; a boela a bea baprista ba nqalo tse diphahameng hara setjhaba sohle; mang le mang ya ratang, o ne a mo kgetha hore e be moprista wa nqalo tse diphahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 13:33
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya ntatae, a etsa sebe se kang sa ntatae, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Leha ho le jwalo, dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, tsona ha a a ka a di tlohela, a nna a kgumamela namane ya kgauta e neng e le Bethele, le e neng e le Dane.


Jeroboame a itlhomamisetsa baprista ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ba sebeletsang medingwana ya diphooko, le ba sebeletsang manamane ao a a bopileng.


Na hase lona ba lelekileng baprista ba Morena, e leng bara ba Arone, le Balevi, mme la itlhomamisetsa baprista, ho latela mekgwa ya ditjhaba tsa dinaha tse ding? E mong le e mong ya tlang a qhoba pohwana le dipheleu tse supileng, le mo etsa moprista wa medimo eo ya bohata.


a mpa a sebeletsa Modimo wa ntatae, a boloka ditaelo tsa hae, a se ke a etsisa Baiseraele.


Ka nako ya ditsietsi tsena tsa hae, yena kgosi Akase eo a sitelwa Morena le ho feta.


Eitse ha Modimo a ba bolaya, ba qala ho mmatla, ba kgutlela ho yena, ba mmatla hape;


Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


Lehlanya o ka le tulella ka lefudung, wa le silella le mabele ka tshilo; empa bohlanya bo ke ke ba le tlohela.


Nkgo eo sebopi se neng se e bopa ka letsopa ya senyeha se ntse se e bopa, yaba se boela se qala ho bopa e nngwe e tla se kgotsofatsa.


Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.


Morena ke yena ya laelang: Ntlo e kgolo o tla e pshatlaka, e nyenyane le yona a e thuake.


Yaba Amasiya, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, kgosi ya Iseraele, o re: “Amose o ntse a o rerela bora hona mona hara bana ba Iseraele. Naha ha e ka ke ya mamella puo tsena tsa hae.


Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa.


Monna eo ke tla kgetha molamu wa hae, molamu oo wa hae o tla fuputsa, o etse dithunthung. Kahoo ke tla fedisa ho korotla ha bana ba Iseraele, e le hore ba se ke ba o lwantsha.”


Arone le bara ba hae bona o tla ba kgethela ho ba baprista, empa e mong osele ya tla atamela o tla bolawa.”


Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne bo tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe.


Mmika a hlomamisa Molevi; mohlankana enwa ya eba moprista wa hae, mme a phela tlung ya Mmika.


Monna enwa, Mmika, o ne a ena le ntlo eo a e hahetseng medimo. A etsa setipe, le modingwana wa lelapa, mme a hlomamisa e mong wa bara ba hae hore e be moprista.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ