1 Marena 13:32 - BIBELE32 Mantswe ao, ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, a ileng a omanya aletare e Bethele ka wona, le ditempele tsohle tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Samaria, ruri a tla phethahala.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)32 Hobane taba eo a howeleditseng aletare ya Bethele le matlo wohle a nqalo tse diphahameng tse metseng ya Samaria, e fela e tla hlaha ka polelo ya Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ho latela taelo ya Morena, moporofeta eo a omanya aletare, a re: “Aletare towe! Aletare towe! Morena o bua tjena: ‘Bona, ho tla tswalwa ngwana tlung ya Davida, mme lebitso la hae e tla ba Josiya. O tla etsetsa Morena mahlabelo ka baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba tjhesetsang mokubetso hodima hao. Masapo a batho o tla a tjhesetsa hodima hao.’ ”