Ha moporofeta wa leqheku, ya ileng a kgutlisa moporofeta wa Modimo tseleng, a utlwa hona, a re: “Motho eno ke moporofeta wa Modimo, ya ileng a tlola taelo ya Modimo; ka baka leo, Morena o mo neetse tau e ileng ya mo harola, ya mmolaya, ho latela puo eo Morena a ileng a e bua ho yena.”
A tsamaya, a fumana setopo sa moporofeta wa Modimo se rapaletse kahara tsela, tonki le tau di ntse di eme pela sona. Tau e ne e sa ka ya ja setopo, kapa ya harola tonki.