1 Marena 12:32 - BIBELE32 Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, Jeroboame a etsa mokete o tshwanang le o neng o etswa naheng ya Juda, a nyehela ka mahlabelo hodima aletare. Hona a ho etsa Bethele, a etsetsa manamane ao a a bopileng mahlabelo. Hona moo Bethele a bea baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo a neng a di hahile. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)32 Jeroboame a ntoo hloma mokete ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi, o kang mokete o etswang Juda; mme a hlaba mahlabelo aletareng. A etsa jwalo le Bethele, a hlabela manamane ao a a entseng, mme a bea Bethele baprista ba nqalo tse diphahameng, tse hahilweng ke yena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Esitana leha hona ho se ho etsahetse, Jeroboame a nna a tswela pele mekgweng ya hae e kgopo. Batho ba eisehang hara setjhaba a nna a ba etsa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Mang kapa mang ya ratang, a mo etsa e mong wa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.