Lelapa la hao ke tla le etsa jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate, le jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Basha, mora wa Ahiya, hobane o mphepheditse hoo ke bileng ke o halefetseng; o entse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.”
Empa Jehu a se ke a tsotella ho tsamaya ka molao wa Morena Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, hobane ha a a ka a tlohela dibe tsa Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe.
Morena a arohanya Baiseraele ho ba ntlo ya Davida, yaba Baiseraele ba bea Jeroboame, mora wa Nebate, hore e be kgosi ya bona. Jeroboame a kgelosa Baiseraele hore ba se hlole ba latela Morena, mme a etsa hore ba sitelwe Morena haholo.
Ka letsatsi leo, e mong le e mong o tla furalla medimo ya hae ya bohata, ya silefera le ya kgauta, eo a iketseditseng yona ka matsoho a hae a boetsadibe.
Dibaka tsa borapedi, tsa Afene, di tla fediswa, tsona tseo Iseraele a etsetsang sebe ho tsona, aletare tsa bona di mele meutlwa, di mele tshehlo. Ba tla re ho dithaba: “Re kgurumetseng!” Ho maralla ba re: “Re weleng hodimo!”