Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:27 - BIBELE

27 Haeba setjhaba sena se ka nna sa nyolohela Jerusalema ho ya nyehella Morena ka mahlabelo teng, ka Tempeleng ya Morena, dipelo tsa sona di tla boela di sokolohela ho monga sona, e leng Rehoboame, kgosi ya Juda. Se tla mpolaya, se kgutlele ho Rehoboame, kgosi ya Juda.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 ha setjhaba sena se ka nna sa nyoloha ho ya hlaba mahlabelo tlung ya Jehova, Jerusalema, dipelo tsa setjhaba sena di tla boela ho monga sona, Roboame, morena wa Juda; mme ba tla mpolaya, ba tle ba boele ho Roboame, morena wa Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:27
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo.


Empa yena o tla sallwa ke morabe o le mong feela, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema, e leng motse oo ke ikgethetseng wona hara merabe yohle ya Iseraele.


Yaba Jeroboame o re ka pelo: “Mmuso o tla tloha o kgutlela tlung ya Davida.


“Ha setjhaba sa hao se futuhela dira tsa sona, hohle moo o ka se romelang teng, mme se rapela se tadimile motseng oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke o hahetseng yona,


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho Morena, ha ke le matshwenyehong, mme o a nkaraba.


Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.


Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.


Empa le ye sebakeng seo Morena a tla se kgetha, se naheng ya morabe o mong wa merabe ya lona; ke moo le tla nyehela ka dinyehelo tsa lona tsa setjheso teng, le moo le tla etsetsa tsohle tseo ke le laelang tsona teng.


Le tla nyehella Morena Modimo wa lona, ka Paseka, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona; e be dinku le dikgomo.


empa le se etsetse sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgethela hore a dule ho sona. Ke hona moo le tla nyehela ka sehlabelo sa Paseka teng, e be mantsiboya ha letsatsi le dikela, mohla letsatsi leo le neng le tlohe Egepeta ka lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ