Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:26 - BIBELE

26 Yaba Jeroboame o re ka pelo: “Mmuso o tla tloha o kgutlela tlung ya Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Jeroboame a bua pelong ya hae, a re: Jwale, mmuso o tla boela tlung ya Davida;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:26
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haeba o ka mamela tsohle tseo ke o laelang tsona, wa tsamaya ka ditsela tsa ka, wa etsa ho lokileng mahlong a ka, ka ho boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha Davida, mohlanka wa ka, a ile a etsa, ke tla ba le wena. Ke tla tiisa lelapa la hao, jwalokaha ke ile ka tiisa la Davida, mme ke o nee setjhaba sa Iseraele.


Jeroboame a haheletsa motse wa Shekeme, o naheng e maralla ya Efraime, mme a aha teng. A tloha moo, a ya haheletsa motse wa Penuele.


Haeba setjhaba sena se ka nna sa nyolohela Jerusalema ho ya nyehella Morena ka mahlabelo teng, ka Tempeleng ya Morena, dipelo tsa sona di tla boela di sokolohela ho monga sona, e leng Rehoboame, kgosi ya Juda. Se tla mpolaya, se kgutlele ho Rehoboame, kgosi ya Juda.”


Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang ho Asa, kgosi ya Juda.


A etsa bobe mahlong a Morena, a etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, mme a se ke a di tlohela.


Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba ya lehwatateng la Tekowa. Ha ba ntse ba tsamaya, Jehoshafate a ema, a re: “Lona baahi ba Juda, le lona baahi ba Jerusalema, mmameleng! Tshepang Morena Modimo wa lona, mme le ke ke la sisinyeha. Tshepang baporofeta ba hae, mme le tla atleha.”


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ka pelong sethoto se re: “Ha ho na Modimo.” Diketso tsa batho di bodile, di a nyonyeha, ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.


Tsela e teng e bonahalang e lokile ho monga yona, empa e qetella ka ho isa lefung.


Motsemoholo wa Efraime ke Samaria, hlooho ya Samaria ke mora wa Remaleya feela. Ha le sa dumele le ke ke la tiya.’ ”


Ha Mofarisi ya memileng Jesu a bona hoo, a re ka pelong ya hae: “Enwa hojane ke moporofeta, a ka be a tsebile hore na mosadi eo ya mo amang ke mang, ke ya jwang, hobane ke moetsadibe.”


Jwale Bafarisi ba buisana, ba re: “Na le a bona hore ha le thuse letho? Bonang, lefatshe lohle le mo setse morao!”


Davida a bua ka pelo, a re: “Ka letsatsi le leng Saule o tla qetella a mpolaile. Ho molemo hore ke ipalehelle naheng ya Bafilesita, a tle a ntele, a se ke a hlola a mpatla naheng yohle ya Iseraele. Ka mokgwa o jwalo ke tla phonyoha.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ