Ho ne ho ena le moporofeta wa leqheku, ya neng a ahile Bethele. Bara ba hae ba fihla ba mmolella mesebetsi yohle eo moporofeta wa Modimo a e entseng moo Bethele ka letsatsi leo. Ba mmolella le dipuo tseo a ileng a di bua ho kgosi.
Elisha a re: “Isao, ka yona nako ena, o tla be o ena le mora.” Mosadi a re: “Wee, mong aka, moporofeta wa Modimo, se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.”
A bitsa monna wa hae, a re: “Ke a o kopa: Ako nthomelle e mong wa bahlankana, le e nngwe ya ditonki, nke ke potlakele ho moporofeta wa Modimo, ke be ke kgutle.”
Yaba o a tsamaya, mme a fihla ho moporofeta wa Modimo, thabeng ya Karamele. Moporofeta wa Modimo a mmona a sa le hole, mme a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Bona mosadi wa Moshuneme ke yane!
Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.”
Mosadi eo a tla, a bolella moporofeta wa Modimo, mme yena a re: “Tsamaya, o yo rekisa ole ena, o lefe molato wa hao. Wena le bara ba hao le tla iphedisa ka e setseng.”
Yare ha Elisha a utlwa hore kgosi ya Iseraele e hahotse diaparo tsa yona, a romela molaetsa ho yona, a re: “Ke ka baka lang ha o hahotse diaparo tsa hao? Ere motho eo a tle ho nna mona hona jwale, mme o tla tseba hore ho na le moporofeta naheng ena ya Iseraele.”
Diketso tsohle tsa Rehoboame, ho tloha qalong ho isa qetellong, le tsa tlhatlhamano ya lelapa la hae, di ngotswe Bukeng ya Moporofoeta Shemaya, le Bukeng ya Moporofeta Ido. Dintwa tsa nna tsa eba teng pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame.
Ka ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, ka ba kenya ka kamoreng ya bara ba Hanane, mora wa Jigedaleya, moporofeta wa Modimo ya neng a le haufi le kamore ya mahosana, e neng e le kahodimo ho kamore ya Maasiya, mora wa Shalome, eo e neng e le molebedi wa monyako.