Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 12:18 - BIBELE

18 Jwale kgosi Rehoboame a roma Adorame, eo e neng e le mookamedi wa makgoba, hore a ye ho Baiseraele, empa Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Ka baka lena, kgosi Rehoboame a palama kariki ya hae ya ntwa ka potlako, a balehela Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Jwale morena Roboame a roma Adorame, molaodi wa ba hlwailweng; empa Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa. Yaba morena Roboame o itlhahanela, a kena koloing ya hae, a balehela Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 12:18
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Adorame yena ya eba molaodi wa makgoba. Jehoshafate, mora wa Ahilode, ya eba mongodi wa diketsahalo;


Ahishare e le mookamedi wa lelapa la kgosi; Adonirame, mora wa Abada, yena e le mookamedi wa makgoba.


Ka kgwedi a romela makgoba a dikete tse leshome Lebanone. A ne a ye a qete kgwedi Lebanone, tse pedi a di qete a le hae. Adonirame e ne e le yena mookamedi wa makgoba ana.


Jwale kgosi Rehoboame a roma Hadorame, eo e neng e le mookamedi wa makgoba, hore a ye ho bana ba Iseraele, empa bona ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Ka baka leo, kgosi Rehoboame a palama kariki ya hae ya ntwa ka potlako, a balehela Jerusalema.


Ka taelo ya kgosi ba mo rera, ba mmolaya, ba mo tlepetsa ka majwe a le lebaleng la Tempele ya Morena.


Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Setjhaba see ke tla se etsa jwang? Ho se ho se hokae se ntlepetsa ka majwe!”


Le bahale ba bahale ba tla baleha, ba balehe ba le poosho mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena.


Yare ha setjhaba sohle se re se ba tlepetsa ka majwe, tlotla ya Morena ya iponahatsa ka Tenteng ya Morena ho bana ba Iseraele bohle.


Yaba molaodi o ya le bahlanka, mme ba ba tlisa, feela e se ka dikgoka, hobane ba ne ba tshaba setjhaba, esere sa ba tlepetsa ka majwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ