Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:9 - BIBELE

9 Morena a halefela Solomone, hobane pelo ya hae e ne e furaletse Morena Modimo wa Iseraele, ya neng a ile a itlhahisa ho yena ka makgetlo a mabedi,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ebile moo Jehova a halefelang Salomone, hobane pelo ya hae e be e kgelohile ho Jehova, Modimo wa Iseraele, ya neng a iponahaditse ho yena habedi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:9
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha nako ya bofifi ba hae e se e fetile, Davida a romela maqosa ho lata Batesheba, mme a mo isa tlung ya hae, ya eba mosadi wa hae. A tswalla Davida mora. Empa ntho ena eo Davida a neng a e entse ya se ke ya kgahla Morena.


Bohale ba Morena ba tlokomela Usa, mme Modimo a mmolaya ka baka la ho ama areka. A shwela hona moo pela areka ya Modimo.


Le basadi ba hae, ba baditjhaba, a ba etsetsa jwalo, mme ba tjhesa mokubetso, ba nyehella medimo ya bona ka mahlabelo.


Hona moo Gibeone, Morena a itlhahisa ho Solomone torong, bosiu, a re: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona.”


Morena a iponahatsa ho Solomone kgetlo la bobedi, jwalokaha a ne a iponahatse ho yena ha a le Gibeone.


Ketso ena ya Davida ya se ke ya kgahla Modimo, mme ka baka leo, a otla Baiseraele.


Jwale kgalefo ya Morena ya tlokela Moshe, mme Morena a re ho yena: “Ha ke re moholwane wa hao Arone, wa Molevi, o teng? Ke a tseba hore yena o na le bokgeleke ba puo. Bona mona, o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, mme o tla thaba haholo ha a o bona.


Baballa pelo ya hao, e baballe ho feta tsohle, hobane ke yona diba sa bophelo.


ba ineeletse ho etsa bootswa.” “Veine e ntjha le veine ya molatsa e hlokisa tjhaba sa ka kelello.


Kgalefo ya Morena ya tlokoma, yaba o a tsamaya.


“Empa Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, mme ha a a ka a mmamela. Yaba Morena o re ho nna: ‘Ho lekane! O se hlole o bua ho nna ka taba ena!


Baradi bao ba tla kgelosa bara ba lona hore ba se ke ba ntatela, ebe ba sebeletsa medimo e meng; kahoo kgalefo ya Morena e tla le tlokomela, ebe o le timetsa kapele.


Morena o ne a halefetse Arone, hoo a neng a batle a mo timetsa, empa le mohlang oo ke ne ke rapelle Arona.


Leha le le Horebe le ne le halefise Morena; Morena a le halefela hoo a neng a batle a le timetsa,


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia.


“Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ