Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:8 - BIBELE

8 Le basadi ba hae, ba baditjhaba, a ba etsetsa jwalo, mme ba tjhesa mokubetso, ba nyehella medimo ya bona ka mahlabelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A etsetsa medimo ya basadi bohle ba hae ba baditjhaba jwalo; le bona ba tjhesetsa medimo ya bona dibano, ba e hlabela mahlabelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:8
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi Solomone o ne a rata basadi ba bangata ba baditjhaba. Kantle ho moradi wa Faro, o ne a nyetse basadi ba Moabe, le ba Baamone, le ba Baedomo, le ba Basidone, le ba Bahete.


Hodima leralla le ka botjhabela ho Jerusalema, Solomone a hahela Kemoshe, e leng manyala a Moabe, le Milekome, e leng manyala a Baamone, aletare ya mahlabelo.


Morena a halefela Solomone, hobane pelo ya hae e ne e furaletse Morena Modimo wa Iseraele, ya neng a ile a itlhahisa ho yena ka makgetlo a mabedi,


Naheng ya hae yohle a leleka banna bohle ba kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a fedisa medingwana yohle ya bohata, e neng e entswe ke bo-ntatae.


Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba.


“Ho tloha mohla ba hahang motse ona ho fihlela kajeno, haesale motse ona o mphephetsa hore ke halefe, ke lolome ke bohale, mme jwale ke rerile ho o timetsa;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ