Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:6 - BIBELE

6 Solomone a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a hlola a latela Morena ka ho tlala, jwalokaha Davida, ntatae, a ne a ile a latela Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Kahoo, Salomone a etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ha a ka a latela Jehova kahohle, jwaloka ntatae Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:6
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke kahobane Solomone o mphuraletse. O kgumametse Asetarote, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milekome, modimo wa Baamone. Ha a ya tsamaya ka ditsela tsa ka, ha a ya etsa ho lokileng mahlong a ka, mme ha a ya boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, jwalokaha Davida, ntatae, yena a ile a di boloka.


Solomone a kgumamela Asetarote, modimo wa Basidone, le Milekome, e leng manyala a Baamone.


Hodima leralla le ka botjhabela ho Jerusalema, Solomone a hahela Kemoshe, e leng manyala a Moabe, le Milekome, e leng manyala a Baamone, aletare ya mahlabelo.


Solomone o ne a rata Morena, a latela ditaelo tsa Davida, ntatae. Feela o ne a ntse a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona le mekubetso a e tjhesetsa hona teng.


“Haeba le wena o ka ntshebeletsa ka botshepehi le ka ho loka jwaloka Davida, ntatao, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka,


Empa mohlanka wa ka Kalebe, kaha yena o na le moya o sa tshwaneng le wa ba bang bana, mme o ile a ntatela ka ho tlala, ke tla mo finyeletsa naheng eo a kileng a ya ho yona, mme ditloholo tsa hae di tla e rua.


Ka baka lena, Heborone ya eba lefa la Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, hobane a ne a ile a latela Morena Modimo wa Iseraele, ka ho tlala.


Bana beso, ba neng ba ile le nna, ba fihla ba nyahamisa setjhaba dipelo, empa nna ke ile ka latela Morena Modimo wa ka, ka ho tlala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ