“ ‘Leha ho le jwalo, ha ke na ho mo amoha mmuso wohle, empa ke tla mo etsa kgosana ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ka baka la Davida, mohlanka wa ka, eo ke ileng ka mo kgetha, hobane a ile a boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka.
Ha setjhaba sohle se utlwa hore Jeroboame o boetse o kgutlile, sa mmitsetsa pitsong, sa mmea hore e be kgosi ya Baiseraele bohle. Ha se ke ha eba le ya mong ya ileng a latela lelapa la Davida, haese ba morabe wa Juda feela.
Tsamaya, o yo bolella Jeroboame, o re: ‘Morena Modimo wa Iseraele, o re: Ke o phahamisitse hara setjhaba, mme ka o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele.