Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:31 - BIBELE

31 Yaba o re ho Jeroboame: “Nka ditsekana tse leshome, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ke tla amoha Solomone mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 A re ho Jeroboame: Inkele ditsiba tse leshome, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke tla haraswanya mmuso letsohong la Salomone, ke o nee meloko e leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:31
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna ba Iseraele ba araba banna ba morabe wa Juda, ba re: “Kabelo ya rona ho kgosi e feta ya lona haleshome; le ho Davida re na le tokelo e fetang ya lona. Jwale le re nyedisitse ka baka lefe? Na hase rona ba qadileng ho bua pele ka taba ya hore kgosi e kgutliswe?” Dipolelo tsa banna ba morabe wa Juda di ne di hlaba ho feta tsa banna ba Iseraele.


Ka baka leo, kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Morena, e le hore polelo ya hae e tle e phethahale, eo a ileng a e bolela ka molomo wa Ahiya, wa Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.


Yaba Jeroboame o re ho mosadi wa hae: “Ke a o rapela: Ako tsamaye o ikgakantse, ho se ke ha tsejwa hore o mosadi wa ka, o ye Shilo. Moporofeta Ahiya o teng hona moo, e leng yena ya neng a mpolelle hore ke tla ba kgosi ya setjhaba sena.


Ka amoha lelapa la Davida mmuso, ka o nea wona, empa ha wa ka wa tshwana le Davida, mohlanka wa ka, ya ileng a boloka melao ya ka, a ntatela ka pelo ya hae yohle, mme a etsa feela se lokileng mahlong a ka.


Morena a arohanya Baiseraele ho ba ntlo ya Davida, yaba Baiseraele ba bea Jeroboame, mora wa Nebate, hore e be kgosi ya bona. Jeroboame a kgelosa Baiseraele hore ba se hlole ba latela Morena, mme a etsa hore ba sitelwe Morena haholo.


Kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, e le hore polelo ya Morena e tle e phethahale, eo a neng a ile a e bolela ka molomo wa Ahiya ya tswang Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.


Ha Samuele a reteleha, a tsamaya, Saule a tshwara qola ya kobo ya hae, mme ya taboha.


Samuele a re ho Saule: “Ka letsatsi lena, Morena o hahotse mmuso wa Iseraele matsohong a hao, mme o o neile e mong ya lokileng ho o feta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ