Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:29 - BIBELE

29 Ka tsatsi le leng ha Jeroboame a etswa Jerusalema, a kgahlana le moporofeta Ahiya, wa Shilo. Ahiya o ne a apere seaparo se setjha, mme e le bona ba babedi feela naheng moo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Mohlang oo, Jeroboame, ha e etswa Jerusalema, moporofeta Akija wa Silo a teana le yena tseleng, a apere kobo e ntjha; e ne e le bona ba babedi naheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:29
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kaine a re ho Abele, moena hae: “A re ye naheng.” Jwale yare ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moena hae matla, a mmolaya.


Lekgabunyane la hao le ne le ena le bara ba babedi. Bara bao ba ile ba lwana kwana hara naha, moo ho neng ho se motho ya ka ba namolang. E mong a bata e mong, mme a mmolaya.


Ka baka leo, Morena a re ho Solomone: “Kaha o entse hona, mme o sa boloka selekane sa ka, le ditaelo tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla o amoha mmuso, ke o nee mohlanka wa hao.


Ka baka leo, kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Morena, e le hore polelo ya hae e tle e phethahale, eo a ileng a e bolela ka molomo wa Ahiya, wa Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.


Ha Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a ntse a le Egepeta, a utlwa tsena, a nna a dula moo Egepeta. O ne a ile a baleha kgosi Solomone, a ya phela Egepeta.


Yaba Jeroboame o re ho mosadi wa hae: “Ke a o rapela: Ako tsamaye o ikgakantse, ho se ke ha tsejwa hore o mosadi wa ka, o ye Shilo. Moporofeta Ahiya o teng hona moo, e leng yena ya neng a mpolelle hore ke tla ba kgosi ya setjhaba sena.


Mosadi wa Jeroboame a fela a etsa jwalo, a tsamaya, a ya Shilo, a fihla tlung ya Ahiya. Ahiya o ne a se a foufetse ka baka la boqheku.


Kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, e le hore polelo ya Morena e tle e phethahale, eo a neng a ile a e bolela ka molomo wa Ahiya ya tswang Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.


Diketso tsohle tsa Solomone, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moprofeta Ahiya ya tswang Shilo, le Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Ido e buang ka Jeroboame, mora wa Nebate.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ