Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:28 - BIBELE

28 Jeroboame e ne e le monna ya matla. Ha Solomone a bona hore mohlankana enwa o mafolofolo, a mmea hore e be mookamedi wa makgoba wohle a sebetsang seterekeng sa morabe wa Josefa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Monna eo, Jeroboame, e ne e le senatla le mohale. Salomone, ha a bona mohlankana eo hobane o sebetsa hantle, a mmea molebedi wa mosebetsi wohle o etswang ke ba ntlo ya Josefa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:28
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naha ya Egepeta ke ena kapele ho wena. Bea ntatao le bana beno moo naha e leng ntle, ba ahe seterekeng sa Goshene. Haeba o tseba hore ho na le banna ba tshepahalang hara bona, o ba etse badisa ba mehlape ya ka.”


Mohlanka wa hao o a tseba hore o sitilwe; ka baka leo, ke tlile kajeno, ke le wa pele hara bohle ba morabe wa Josefa, hore ke theohe, ke tlo kgahlanyetsa monga ka, kgosi ya ka.”


Jeroboame, mora wa Nebate, Moefraime wa Sereda, mohlanka wa Solomone, le yena a fetohela kgosi Solomone. Lebitso la mmae e ne e le Serua, mosadi wa mohlolohadi.


Tsamaya, o yo bolella Jeroboame, o re: ‘Morena Modimo wa Iseraele, o re: Ke o phahamisitse hara setjhaba, mme ka o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ho ne ho bile ho ena le balebedi ba dikete tse tharo le makgolo a mararo, ba neng ba beilwe ke Solomone ho hlokomela mesebetsi e fapakaneng, mme ba okametse basebetsi.


Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.


Ke tla phetshela Baasiria naheng ya ka, dithabeng tsa ka ke ba hatakele; joko ya bona ke tla e tlosa hodima tjhaba sa ka, mojaro wa bona ke o tlose mahetleng a sona,


Batlang Morena, le tle le phele, esere a ikakgela kahara ntlo ya Josefa, a ikakgela sa mollo o tjhesa Bethele, o tjhesa Bethele, ho se ya ka o timang.


“Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda, ba ntlo ya Josefa ke ba pholose. Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona, hobane ke ba utlwela bohloko. Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle, hobane nna ke Morena, Morena Modimo wa bona, ke tla amohela thapelo tsa bona.


Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.”


Jwale nna, ke le mong, nka tseba jwang ho jara ditsietsi tsa lona, le mejaro ya lona, le diqabang tsa lona?


Naha eo le e arole dikarolo tse supileng. Moedi wa morabe wa Juda o tla nne o be ka borwa, mme moedi wa morabe wa Josefa o nne o be ka leboya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ