Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:25 - BIBELE

25 Resone ya eba sera sa Solomone ka nako yohle ya bophelo ba Solomone, mme a eketsa dikgathatso hodima tse bakilweng ke Hadade. Yena Resone eo, ya neng a nyonya Baiseraele, ya eba kgosi ya Arame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ya eba sera ho Iseraele tshiung tsohle tsa Salomone; a totisa tsietsi tse hlahiswang ke Hadade; o ne a hloile Iseraele, mme o ne a busa Siria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:25
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o re ho Simeone le Levi: “Le ntliseditse tsietsi ka ho ntlhobohanya le baahi ba naha ena, e leng Bakanana le Baperise. Palo ya batho ba ka e a fokola, mme haeba ba ka ikopanya, ba ntwantsha, nna le ba ntlo ya ka re tla timetswa.”


Ahitofele a re ho Abosalome: “Eya o kene dikobong tsa basadi ba ntatao ba mafielo, bao a ba siileng hore ba hlokomele lelapa. Ha Baiseraele ba utlwa hore o kgopisitse ntatao, balatedi ba hao bohle ba tla tiya moko.”


E ne e ile yare ha Davida a hlola Hadade-Esere, Resone a bokella banna, mme ya eba yena molaodi wa sehlopha sena. Bo-Resone ba ikela Damaseka, ba haha teng, mme Resone ya eba kgosi ya Damaseka.


Jeroboame, mora wa Nebate, Moefraime wa Sereda, mohlanka wa Solomone, le yena a fetohela kgosi Solomone. Lebitso la mmae e ne e le Serua, mosadi wa mohlolohadi.


Jwale Morena Modimo wa ka, o mphile kgotso kahohle; ha ho sera, ha ho tsietsi.


Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.


Morena a halefela setjhaba sa hae, a nyonya bao e leng lefa la hae.


Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.


“O se ke wa nyonya Moedomo, hobane ke ngwaneno. O se ke wa nyonya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya habo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ