Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:21 - BIBELE

21 Yare ha Hadade a tsebiswa hore Davida o orohetse ho bo-ntatae, le hore Joabe, molaodi wa mabotho, o shwele, a re ho Faro: “Ntumelle ke tsamaye, ke kgutlele naheng ya heso.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hadade, ha a utlwa, a le Egepeta, hobane Davida o orohetse ho bontatae, le hobane Joabe, molaodi wa makgotla, o faletse, a re ho Faro: Mphe tsela, ke boele naheng ya heso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:21
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale a re bana babo ba tsamaye, mme ba tsamaya. A re ho bona: “Le se ke la qabana ha le le tseleng.”


Abinere a re ho Davida: “Jwale ke tla tsamaya, ke yo bokellela monga ka, kgosi, Baiseraele bohle, hore ba tlo etsa selekane le wena, mme o tle o buse hohle moo o ratang ho busa teng.” Davida a dumella Abinere hore a tsamaye, mme eo a ikela ka kgotso.


Ngwana eo wabo Tahepenese a tswalla Hadade mora ya bitswang Genubate. Ha ngwana eo a ekgwa, Tahepenese a mo hodisetsa tlung ya Faro, mme Genubate a ba lapeng la Faro, hara bana ba Faro.


Faro a re ho yena: “Ke eng eo o e hlokang, ha e le moo o batla ho kgutlela naheng ya heno?” Hadade a mo araba, a re: “Le letho! Feela, leha ho le jwalo, ntumelle ke tsamaye.”


Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.


Yaba Benaya, mora wa Jehoyada, o a ya, o fihla a phehletsa Joabe, a mmolaya. Joabe a epelwa hahabo, pela lehwatata.


Jwale Morena a re ho Moshe, a le Midiane: “Tsamaya, o kgutlele Egepeta, hobane batho bohle ba neng ba batla ho o bolaya ba shwele.”


la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o boele naheng ya Iseraele, hobane ba neng ba batla bophelo ba ngwana ba shwele.”


Yaba o re: “A ho be jwalokaha le bolela.” A ba lokolla, ba tsamaya. A sala a tlama kgwele e kgubedu fesetereng.


Ba tsoha ka madungwadungwana. Yare ha mafube a hlaha, Samuele a bitsa Saule a le kahodima marulelo a ntlo, a re: “Tsoha, ke o lokolle, o tsamaye!” Saule a ema, mme ba tswela seterateng ba le babedi le Samuele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ