Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:19 - BIBELE

19 Faro o ne a rata Hadade haholo, hoo a bileng a mo nea moena wa mosadi wa hae, e leng ngwanabo mofumahadi Tahepenese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hadade a kgahlisa Faro haholo, a nyadiswa ke yena ngwanabo mosadi wa hae, ngwanabo mofumahadi Thahepenese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:19
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Morena a ba le Josefa, a mo hauhela, a etsa hore mookamedi wa tjhankana a mo rate.


Monga Josefa a mo hauhela, mme Josefa a mo sebeletsa. Monga hae a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le molaodi wa tsohle tseo a nang le tsona.


Faro a rea Josefa lebitso la Safenate-Paniya, mme a mo nyadisa Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One. Josefa a ya lekola naha yohle ya Egepeta.


Ba tloha Midiane, mme ha ba fihla Parane, ba nka banna ba Parane ba ya le bona Egepeta, ho Faro, kgosi ya Egepeta. Kgosi ya Egepeta ya nea Hadade ntlo, ya mo fepa, ya mo abela naha.


Ngwana eo wabo Tahepenese a tswalla Hadade mora ya bitswang Genubate. Ha ngwana eo a ekgwa, Tahepenese a mo hodisetsa tlung ya Faro, mme Genubate a ba lapeng la Faro, hara bana ba Faro.


a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


Ha a se a lahlilwe, moradi wa Faro a mo thola, a ikgodisetsa yena jwaloka hoja e le mora wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ