Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:18 - BIBELE

18 Ba tloha Midiane, mme ha ba fihla Parane, ba nka banna ba Parane ba ya le bona Egepeta, ho Faro, kgosi ya Egepeta. Kgosi ya Egepeta ya nea Hadade ntlo, ya mo fepa, ya mo abela naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ba tloha Midiane, ba tla Parane; ba nkana le banna ba bang ba Parane, ba fihla Egepeta ho Faro, morena wa Egepeta. Yena a mo nea ntlo, a mo abela dijo, a mo sehela le naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:18
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Bahore ba le thabeng ya bona ya Seire, ho ya fihla Ele-Parane, haufi le lehwatata.


A aha lehwatateng la Parane, mme mmae a mo nyadisa mosadi ya tswang naheng ya Egepeta.


Mosadi enwa a mo tswalla Simerane, le Jokoshane, le Medane, le Midiane, le Jishebaka, le Shua.


Bara ba Midiane e ne e le Efa, le Efere, le Hanoke, le Abida, le Eledaa. Bana bohle e ne e le bara ba Ketura.


Empa Hadade le Baedomo ba bang, bao e neng e le bahlanka ba ntatae, ba balehela Egepeta. Hadade e ne e sa le moshanyana.


Faro o ne a rata Hadade haholo, hoo a bileng a mo nea moena wa mosadi wa hae, e leng ngwanabo mofumahadi Tahepenese.


Yare ha Faro a utlwela taba ena, a batla ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha Faro, a tshabela naheng ya Midiane, a fihla a dula pela sediba sa moo.


Modimo o fihlile a etswa Temana, Ya Halalelang a etswa Thabeng ya Parane. Tlotla e aparetse mahodimo, fatshe le tletse dithoko tsa hae.


Bana ba Iseraele ba tloha lehwatateng la Sinai, ba tswela pele leetong la bona, ba tsamaya ba hloma, ba hlomola, leru la ba la ya ema lehwatateng la Parane.


Bamoabe ba re ho baholo ba Midiane: “Letshwelehadi lena le tla qeta tsohle tse re potapotileng, jwalokaha pholo e fula jwang naheng.” Balake, mora wa Sipore, e ne e le yena kgosi ya Moabe ka nako eo.


Lebitso la monna wa Moiseraele, ya ileng a bolawa mmoho le mosadi wa Momidiane, e ne e le Simeri, mora wa Salo, kgosana ya ntlo ya morabe wa Simeone.


ka baka la bolotsana boo ba ileng ba le etsetsa bona, ba le thetsa ka taba ya Peore; le ka baka la taba ya Kosebi, moradi wa kgosana ya Midiane, kgaitsedi ya bona e ileng ya bolawa ka baka la Peore, mohla letsatsi la sewa.”


Bonang, monna e mong wa bana ba Iseraele a tlisa mosadi wa Momidiane ho bana babo, moo Moshe a ntseng a bona, le moo setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se ntseng se bona, se ntse se lla se le monyakong wa Tente ya Morena.


Ana ke mantswe ao Moshe a ileng a a bua ho Baiseraele bohle, a le ka kwano ho Jorodane, lehwatateng, phuleng e mabapa le Sufe, pakeng tsa Parane, le Tofele, le Labane, le Haserote, le Disahaba.


A na a re: “Morena o ne a etswa Sinai, tjhaba a se tjhabela a etswa Seire; a phatsima a le hodima Thaba ya Parane, kete tsa bahalaledi di mo apere, ka le letona a utlile sabole e tukang malakabe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ