Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:14 - BIBELE

14 Morena a hlahisetsa Solomone sera se mo lwantshang, e leng Hadade wa Moedomo, wa lelapa la kgosi ya Edomo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jwale, Jehova a tsosetsa Salomone sera, e le Moedomo Hadade, wa lesika la morena wa Edomo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgalefo ya Morena ya boela ya tlokomela Baiseraele, mme Morena a hlohlelletsa Davida hore a tshwenye setjhaba, ka ho mo laela, a re: “Tsamaya, o yo bala setjhaba sa Iseraele le sa Juda.”


Ke tla ba ntatae, mme yena e be mora wa ka, empa haeba a ka etsa bokgopo, ke tla mo otla ka thupa e kgalemelang bana, le ka meupa eo batho ba e shapang bana ba bona.


Leha ho le jwalo, ha ke na ho amoha mora wa hao mmuso wohle. Ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema eo ke ikgethetseng yona, ke tla siela mora wa hao morabe o le mong.”


Hoba Davida a hlole Baedomo, Joabe, molaodi wa lebotho, a nyoloha ho ya epela babolauwa. Joabe o ne a ile a bolaya banna bohle ba ahileng Edomo,


Modimo a boela a hlahisetsa Solomone sera se seng, e leng Resone, mora wa Eleada, ya neng a balehe monga hae Hadade-Esere, kgosi ya Soba.


Ka baka leo, kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Morena, e le hore polelo ya hae e tle e phethahale, eo a ileng a e bolela ka molomo wa Ahiya, wa Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.


Ka baka leo, Modimo wa Iseraele a hlohleletsa Pule, kgosi ya Asiria, e leng Tigelate-Pilesere, hore a thope ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase, a ba ise Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, moo ba ntseng ba ahile teng le kajeno-ya-bokajeno.


Morena wa mabotho o tla ba hweba ka phafa, jwaloka mohla a otlang Bamediane fikeng la Orebe. Molamu wa hae o tla o phahamisa hodima lewatle, jwalokaha a na o phahamise hodima Egepeta.


O madimabe wena Asiria, o leng molamu wa kgalefo ya ka! Kotjane ya kgalefo ya ka e tsohong la hao!


Ke tla hlohleletsa Bamede ba ba tsohele matla, Bamede ba sa tsotelleng bohlokwa ba silefera, bona bao kgauta e ke keng ya ba hohela.


O tla hapa Edomo, a e rue, Seire, sera sa hae, le yona o tla e rua. Iseraele o tla nne a matlafale,


Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ