1 Marena 11:13 - BIBELE13 Leha ho le jwalo, ha ke na ho amoha mora wa hao mmuso wohle. Ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema eo ke ikgethetseng yona, ke tla siela mora wa hao morabe o le mong.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)13 Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.
Hase ka baka la ho loka ha lona, kapa ka baka la ho loka ha dipelo tsa lona naha ena a tlang ho ba ya lona, empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tsena Morena a di lelekang kapele ho lona, e le hore Morena a phethahatse tshepiso eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona Aborahama, le Isaka, le Jakobo.