Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:11 - BIBELE

11 Ka baka leo, Morena a re ho Solomone: “Kaha o entse hona, mme o sa boloka selekane sa ka, le ditaelo tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla o amoha mmuso, ke o nee mohlanka wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Jehova o re ho Salomone: Erekaha o entse jwalo, o sa ka wa boloka selekane sa ka le ditaelo tsa ka, tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla haraswanya mmuso hodima hao, ke o nee mohlanka wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:11
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Feela ka baka la Davida, ntatao, nke ke ka etsa ntho ena ha o ntse o phela, empa ke tla e etsa ha ho busa mora wa hao.


Jeroboame, mora wa Nebate, Moefraime wa Sereda, mohlanka wa Solomone, le yena a fetohela kgosi Solomone. Lebitso la mmae e ne e le Serua, mosadi wa mohlolohadi.


Ka tsatsi le leng ha Jeroboame a etswa Jerusalema, a kgahlana le moporofeta Ahiya, wa Shilo. Ahiya o ne a apere seaparo se setjha, mme e le bona ba babedi feela naheng moo.


Yaba o re ho Jeroboame: “Nka ditsekana tse leshome, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ke tla amoha Solomone mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome.


Ha setjhaba sohle se utlwa hore Jeroboame o boetse o kgutlile, sa mmitsetsa pitsong, sa mmea hore e be kgosi ya Baiseraele bohle. Ha se ke ha eba le ya mong ya ileng a latela lelapa la Davida, haese ba morabe wa Juda feela.


Ba hana ditaelo, ba kwenehela selekane seo Morena a neng a se etse le bo-ntata bona, le ditemoso tsa hae, tseo a neng a ba lemose ka tsona. Ba latela mafeela, mme le bona ba fetoha mafeela. Ba etsisa bahetene ba neng ba ahelane le bona, athe Morena o ne a ile a ba laela hore ba se ke ba ba etsisa.


Morena a arohanya Baiseraele ho ba ntlo ya Davida, yaba Baiseraele ba bea Jeroboame, mora wa Nebate, hore e be kgosi ya bona. Jeroboame a kgelosa Baiseraele hore ba se hlole ba latela Morena, mme a etsa hore ba sitelwe Morena haholo.


Ha ba a ka ba boloka selekane, selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka Molao wa hae.


ruri ba ke ke ba bona naha eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona; le bohle ba nnyedisitseng ba ke ke ba e bona.


Nna, Morena, ke buile. Ruri hona ke tla ho etsa ho setjhaba sena sohle se kgopo, se ikopantseng ho ntwantsha. Se tla timella lehwatateng lena, se shwelle teng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ