Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 11:1 - BIBELE

1 Kgosi Solomone o ne a rata basadi ba bangata ba baditjhaba. Kantle ho moradi wa Faro, o ne a nyetse basadi ba Moabe, le ba Baamone, le ba Baedomo, le ba Basidone, le ba Bahete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ha ho sa balwe moradi wa Faro, morena Salomone a boela a rata basadi ba bangata ba ditjhaba, basadi ba Bamoabe, le Baammone, le Baedomo, le Basidone, le Bahethe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 11:1
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le basadi ba hae, ba baditjhaba, a ba etsetsa jwalo, mme ba tjhesa mokubetso, ba nyehella medimo ya bona ka mahlabelo.


Rehoboame, mora wa Solomone, a busa Juda. O ne a ena le dilemo tse mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa. O ile a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng a le Jerusalema, e leng motse oo Morena a neng a ikgethele wona hara merabe yohle ya Iseraele, hore o tla ba teng ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone.


Rehoboame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone. Abiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela.


Solomone a etsa selekane le Faro, kgosi ya Egepeta, ka ho nyala moradi wa Faro. A mo bekela Motseng wa Davida, hobane o ne a eso hahe ntlo ya kgosi, le Tempele ya Morena, le lerako le potapotang Jerusalema.


Bana bohle ba ne ba nyetse basadi ba baditjhaba, mme ba leleka basadi bao hammoho le bana ba bona.


Ha dintho tsena di se di phethilwe, baetapele ba tla ho nna, ba re: “Setjhaba sa Iseraele, le baprista, le Balevi ha ba ya ikgetholla ho baahi ba dinaha tsena; ba etsa manyala a etswang ke Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bajebuse, le Baamone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


Ba nyallane le ditjhaba tseo; kahoo setjhaba sena se halalelang se kopantse madi a sona le madi a baditjhaba. Ba ka sehloohong ketsong ena ya bohlabaphiyo ke baetapele le babusi ba setjhaba.”


O se ke wa nyadisa bara ba hao baradi ba bona, esere ba ba kgelosa, mme ba hloka botshepehi ho nna, ba rapela medimo ya bohata ya baahi ba moo.


O tla phemiswa mosadi wa sehlola, mosadi ya ekang ka dipolelo,


Molomo wa sehlola ke lemena le tebileng; ya halefetsweng ke Morena o tla wela ka ho lona.


Mahlo a hao a tla bona pono disele, kelello ya hao e nahane dintho tse ferekanyang.


se qete matla a bonna ba hao ka basadi, se tjhediete le basadi ba timeditseng dikgosi.


ho o phemisa mosadi wa sehlola, le molomomonate wa seraburabu.


Di tla o phemisa mosadi, mosadi wa sehlola, mosadi ya ekang ka dipolelo.


“ ‘O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao hore e be moqekwa; o se ke wa kena dikobong tsa hae, ha feela ngwanabo a ntse a phela.


Kgosi eo e se ke ya nyala basadi ba bangata, esere ya kgeloha. E se ke ya ipokellela silefera le kgauta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ