1 Marena 10:21 - BIBELE21 Dinwelo tsohle tsa kgosi Solomone di ne di entswe ka kgauta; le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)21 Mehope yohle ya morena Salomone e ne e le ya kgauta, le dipitsa tsohle tsa ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e le tsa kgauta e hlwekileng; ho ne ho se pitsa ya silefera: ho ne ho sa thwe letho ka yona mehleng ya Salomone. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A haha le ntlo e bitswang Moru wa Lebanone. Bolelele ba yona e ne e le dimethara tse mashome a mane a metso e mene, bophara e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, bophahamo e le dimethara tse leshome le metso e meraro le halofo. E ne e ena le mela e mene ya ditshiya tsa kedare, mme hodima ditshiya tseo ho beilwe maballo a kedare.