Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 10:2 - BIBELE

2 A ya Jerusalema a ena le phiphitha ya balatedi; ho ena le dikamele tse belesitsweng dinoko, le kgauta e ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha a fihla ho Solomone a mmotsa dipotso tsohle tseo a neng a ena le tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A fihla Jerusalema ka letshwele le leholo, le ka dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata haholo le mahakwe a bohlokwa; a fihla ho Salomone, a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 10:2
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba Morena a qete ho bua le Aborahama, yaba o a itsamaela, mme Aborahama a kgutlela ha hae.


Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho tliswa dinoko tse ngata ho feta tsena tseo mofumahadi wa Sheba a ileng a di fa kgosi Solomone.


Solomone a araba dipotso tsohle tsa hae; ha se ke ha eba le letho le thatafallang kgosi, leo e sitwang ho le hlalosa.


Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera, le kgauta, le dinoko, le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo, le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.


Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle.


Yaba Naamane o tla ka dipere tsa hae, le ka kariki ya hae ya ntwa, o fihla a ema kapele ho monyako wa ntlo ya Elisha.


“Ebe o tla teneha ha motho a buisana le wena? Empa ke mang ya ka tshwarang leme la hae?


Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena.


Dikgosi tsa Tarashishe le tsa dihlekehleke di ke di mo nyehelle, dikgosi tsa Sheba le tsa Seba di mo tlisetse dithelo.


le ole ya ho bonesa, le dinoko tsa ole ya ho tlotsa, le mokubetso o monko o monate;


Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso,


“ ‘Bahwebi ba Sheba le ba Rama ba ne ba hweba le wena, mme thepa ya hao ba e ananya ka dinoko tse monko o monate, le ka majwe a bohlokwa, le ka kgauta.


Ha ba ntse ba qoqa jwalo, ba buisana, Jesu ka sebele a atamela, a tsamaya le bona,


Ka tsatsi le hlahlamang, Ageripa le Berenike ba fihla ba aperwe ke balaodi ba ba sekete, le banna ba motse ba ka sehloohong, ba kena ka tlung. Ka taelo ya Fesetose, Paulosi a tliswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ