Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 10:18 - BIBELE

18 Hape kgosi ya etsa terone e kgolo, e entsweng ka manaka a tlou, mme ya a maneha kgauta e hlwekisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Morena a etsa terone e kgolo ya naka tsa ditlou, a e maneha ka kgauta e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 10:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Terone ena e ne e ena le mehato e tsheletseng, bokahodimo ba terone bo le botjhitja kamorao, ho ena le letsoho la ho itshetleha ka lehlakoreng le leng le le leng la setulo, mme pela matsoho ao ho eme ditau tse pedi.


Lewatleng kgosi e ne e ena le dikepe tsa Tarashishe, tse neng di ena le tsa Hirame. Hanngwe kamora dilemo tse tharo, sehlopha sa dikepe tsena tsa Tarashishe se ne se ye se tle, se tlise kgauta, le silefera, le manaka a ditlou, le dikgabo, le dipikoko.


Diketso tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa ntlo eo a ileng a e haha ka manaka a tlou, le tsa metse yohle eo a ileng a e haha, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Pesalema ya Davida. Morena o itse ho Morena wa ka: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.”


Ke moo ditulo tsa kahlolo di leng teng, ditulo tsa ntlo ya Davida.


Metsu ya hao e leotsehile, ditjhaba di tla wela tlasa puso ya hao, dira tsa kgosi di tla nyahama pelo.


O rata ho loka, o hloile bokgopo. Kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane ba hao;


Ka fate tsa eike tse tswang Bashane ba etsa masokwana, ba a etsetsa wena; ka fate tsa kipere tse tswang Kitime ba etsa sethala, ba se etsetsa wena, ba o kgabisa ka manaka a tlou.


Le paqama mealong e kgabisitsweng, e kgabisitsweng ka manaka a tlou; le kakalla tulong tsa lona, tulong tse butshabutsha, le ja nama ya dikonyana e bonojwana, le je le ya manamane a nontshitsweng.


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Empa ka Mora ho itswe: “Terone ya hao Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso, ke lere la toka.


thepa ya kgauta, le ya silefera, le ya mabenyane a bohlokwa, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya masela a matlematle, le a perese, le a sileka, le a mafubedu, le ya mahong wohle a bohlokwa, le ya tsohle tse entsweng ka manaka a tlou, le tsohle tsa mahong a bohlokwa, le tsa lethose, le tsa tshepe, le tsa mahakwe,


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ