Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 10:10 - BIBELE

10 Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho tliswa dinoko tse ngata ho feta tsena tseo mofumahadi wa Sheba a ileng a di fa kgosi Solomone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 A ntoo nea morena ditalenta tse lekgolo le mashome a mabedi tsa kgauta, le dibano tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa; ha ho a ka ha hlola ho tliswa le ka mohla o le mong dibano tse ngata tse ka ka tsee mofumahadi wa Sheba a di neileng morena Salomone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 10:10
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ntata bona Iseraele a re ho bona: “Ha ho tlameha ho ba jwalo, etsang tjena: Nkang ditholwana tse kgahlehang tsa naha ena, le di tshele ka mekotleng ya lona, le di ise ho monna eo e le mpho: e be ditlolo, mahe a dinotshi, boroku, mmira, le ditholwana tsa sefate sa hoki, le tsa sefate sa mofuta wa perekisi.


A ya Jerusalema a ena le phiphitha ya balatedi; ho ena le dikamele tse belesitsweng dinoko, le kgauta e ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha a fihla ho Solomone a mmotsa dipotso tsohle tseo a neng a ena le tsona.


Hirame o ne a ile a romela kgosi Solomone kgauta e boima bo fetafetang dikilo tse dikete tse nne.


Oho, Modimo, bontsha matla a hao, ao o re sebeleditseng ka wona.


Dikgosi tsa Tarashishe le tsa dihlekehleke di ke di mo nyehelle, dikgosi tsa Sheba le tsa Seba di mo tlisetse dithelo.


A ke a phele! A newe kgauta ya Sheba, a nne a rapellwe ho sa kgaotswe, a nne a bokwe ka matsatsi wohle.


Morena a re ho Moshe: “Inkele dinoko tsena tse monko o monate ka ditekanyo tse lekanang: setoraka, le dikgetla tse monko o monate, le kalabanumu e monko o monate, le mokubetso o hlwekileng.


Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa.


Ka ipokellela silefera le kgauta, le matlotlo a dikgosi le a dinaha tse pusong ya ka. Ka iphumanela dibini tsa banna le tsa basadi, le dintho tsohle tseo batho ba ka ithabisang ka tsona, le basadi ba bangata.


Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.


O ne o kganya tlotla ya Modimo, mme kganya ya wona e ne e ka ya lejwe la bohlokwa, e le jwaloka ya lejwe la jasepere le kang lehakwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ