Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:42 - BIBELE

42 Yare a sa ntsane a bua, ha fihla Jonathane, mora wa moprista Abiatare. Adoniya a re ho yena: “Atamela kwano! Ke a tseba hoba o mohale, mme o re tliseditse ditaba tse monate.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 A re a sa bua, a bona Jonathane, mora moprista Abiathare, a etla. Adonija a mmolella, a re: Kena hobane o monna ya matla, o tlisa ditaba tse monate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:42
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya boela ya re ho moprista Sadoke: “Na o re o senohe? Ke re o kgutlele motseng ka kgotso, wena le Ahimase, mora wa hao, le Jonathane, mora wa Abiatare; ke ho re lona le bara ba lona ba babedi.


Ba na le bara ba bona ba babedi hona moo, e leng Ahimase, mora wa Sadoke, le Jonathane, mora wa Abiatare, mme ntho efe kapa efe eo le e utlwang le tla ntsebisa yona ka bona.”


Bo-Jonathane le Ahimase ba ne ba ye ba ipate pela Sediba sa Rogele. Lekgabunyane le ne le ye le ye, le yo ba bolella ditaba, mme le bona ba ne ba ye ba ye, ba yo tsebisa kgosi, hobane ba ne ba sa tshwanela ho bonwa ba kena motseng.


Sebohodi sa re: “Ke bona monna ya kapele a matha jwaloka Ahimase, mora wa Sadoke.” Yaba kgosi e re: “Ke monna ya lokileng, mme o tlisa ditaba tse monate.”


Hoba bo-Adoniya, le bamemuwa bohle ba neng ba ena le yena, ba qete ho ja, ba utlwa ditlatse. Ha Joabe a utlwa modumo wa lenaka, a re: “Lerata le motseng lee, ke lang?”


Jonathane a araba Adoniya, a re: “Ha ho jwalo! Monga rona, kgosi Davida, o beile Solomone hore e be kgosi.


Yaba kgosi ya Iseraele e re ho Jehoshafate: “Na ha ke a ka ka o bolella hore a ke ke a mporofetela tse molemo, haese tse mpe feela?”


Yare ha Jorame a bona Jehu, a re ho yena: “Jehu, na o tla ka kgotso?” Eo a mo araba, a re: “Kgotso e ka ba teng jwang, ha ho rapela medimo ya bohata ha mmao, le ho loya ha hae, ho atile hakaale?”


“Kgotso ha e yo ho ba kgopo,” ho rialo Modimo wa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ