Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:40 - BIBELE

40 Setjhaba sohle sa nyoloha se mo setse morao, se ntse se letsa makodilo, se thabile haholo hoo ditlatse tsa sona di bileng tsa sisinya lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Batho bohle ba mo latela, ba letsa diphala, ba nyakaletse haholo, lefatshe la ba la reketla ke modumo wa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:40
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moprista Sadoke a nka lenaka la ole ka Tenteng, a tlotsa Solomone. Ba letsa lenaka, mme setjhaba sohle sa howa, sa re: “Kgosi Solomone a ke a re phelele!”


Hoba bo-Adoniya, le bamemuwa bohle ba neng ba ena le yena, ba qete ho ja, ba utlwa ditlatse. Ha Joabe a utlwa modumo wa lenaka, a re: “Lerata le motseng lee, ke lang?”


Hoba bo-moprista Sadoke le moporofeta Nathane ba mo tlotsetse Gihone, ba nyoloha ka ditlatse, mme motse wohle wa di amohela. Ke lona lerata leo le le utlwang.


Ha a fihla, a bona kgosi e eme pela tshiya, ho latela moetlo, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi, le setjhaba sohle se nyakaletse, se letsa diterompeta. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a howeletsa, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”


Kamora hoba Ataleya a bolaelwe pela ntlo ya kgosi ka sabole, setjhaba sohle sa naha eo sa nyakalla, motse wa eba le kgotso.


Morena ke kgosi; lefatshe le ke le nyakalle, dihlekehleke tse ngata di ke di thabe.


Hang ha le utlwa ho letswa lenaka, le lekodilo, le harepa, le lekoope, le seletsa se kgwele di leshome, le diphala, le mmino wa mefuta yohle, le itihele fatshe, le kgumamele setshwantsho sa kgauta, seo kgosi Nebukadenesare a se emisitseng.


Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.


Ha a atamela, a le motheong wa Thaba ya Mehlwaare, bongata bohle ba barutuwa ba qala ho rorisa Modimo ka mantswe a phahameng bo thabile, ka baka la diketso tsohle tse matla tseo bo di boneng,


Setjhaba sohle sa ya Gilegale, mme moo Morena a ntseng a bona, sa bea Saule hore e be kgosi. Sa etsetsa Morena mahlabelo a nyehelo ya teboho hona moo. Saule le banna bohle ba Iseraele ba nyakalla haholo.


Yare ha areka ya selekane sa Morena e fihla diahelong, ditlatse tsa Baiseraele bohle tsa hlaba hodimo, ba howa haholo, hoo lefatshe le ileng la duma.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ