Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:38 - BIBELE

38 Bo-moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, ba theoha, ba qhanehela Solomone mmeile wa kgosi Davida, ba mo isa Gihone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Jwale, moprista Tsadoke ba theoha le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba kallisa Salomone esele ya morena Davida, ba mo isa Gihone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:38
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bahlanka ba Abosalome ba etsa Amanone jwalokaha Abosalome a ba laetse. Bara bohle ba kgosi ba raoha, ba lwabela dimmeile tsa bona, ba baleha.


Bahlanka bohle ba kgosi ba nna ba feta kathoko ho yona: E le Bakerete bohle, le Bapelete bohle, le banna ba makgolo a tsheletseng ba Bagate, ba neng ba sale kgosi morao ha e tloha Gate. Batho bana ba fetela kapele ho kgosi.


Bahlabani ba Joabe, le Bakerete, le Bapelete, le banna ba bahale, ba tswang Jerusalema, ba latela Abishai, mme ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.


Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi.


Ha e le nna, mohlanka wa hao, le moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le mohlanka wa hao Solomone, ha a a re mema.


kgosi ya re ho bona: “Tsamayang le bahlanka ba monga lona, le qhanehele mora wa ka, Solomone, mmeile wa ka, le theohele le yena Gihone.


Empa bo-moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le moporofeta Nathane, le Shimei, le Rei, le mokgetho wa bahale ba Davida, bona ba se ke ba ananela morero ona wa Adoniya.


Adoniya a re: “O a tseba hore mmuso e ne e le wa ka, mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore ke buse. Empa mmuso o ile wa mphonyoha, Morena a o nea moreso.


Yaba kgosi e bea Benaya, mora wa Jehoyada, hore e be molaodi wa mabotho bakeng sa Joabe; ya bea le moprista Sadoke bakeng sa Abiatare.


Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi ba kgosi.


Le madimabe lona ba ahileng bopong la lewatle, le madimabe lona tjhaba sa Bakerete! Morena ke yena ya o qosang, wena Kanana, naha ya Bafilesita, ke tla o ripitla, ho be ho hlokwe le masalla.


Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.


Re ne re hlasetse naha ya Bakerete e ka borwa ho Juda, le naha e ka borwa ya morabe wa Kalebe, mme ra tjhesa Sikelage ka mollo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ