Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:36 - BIBELE

36 Benaya, mora wa Jehoyada, a araba kgosi, a re: “A ho ke ho be jwalo! Morena Modimo wa monga ka, kgosi ya ka, le yena a tiise taba eo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Moo Benaia, mora Jehojada, a araba morena, a re: Ho be jwalo! Jehova, Modimo wa morena, monga ka, ha a ke a rialo le yena!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:36
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi.


Ebe jwale le nyoloha le mo setse morao, a tle, a tlo dula teroneng ya ka, e be kgosi sebakeng sa ka. Ke yena eo ke mo laetseng hore e be mmusi wa setjhaba sa Iseraele le sa Juda.”


Jwalokaha Morena a nnile a ba le monga ka, kgosi, a ke a be le Solomone, mme a hodise mmuso wa hae le ho feta wa monga ka, kgosi Davida.”


O hlohonolofaditse lelapa la mohlanka wa hao, hore le nne le be tlhokomelong ya hao kamehla yohle. Oho, Morena, o le hlohonolofaditse, mme le tla hlohonolofala kamehla yohle.”


Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda.


Lebitso la hae le tlotlehang le bokwe, le bokwe kamehla le mehla, lefatshe lohle le tlale tlotla ya hae. A ho be jwalo! A ho be jwalo!


Wa na wa bua le batshepuwa ba hao, wa bua le bona ka pono, wa re: “Ke thusitse mohale, ka phahamisa ya kgethilweng, ya kgethilweng hara setjhaba.


Ke tla namisa mmuso wa hae ho ya fihla Lewatleng, le puso ya hae ho ya fihla dinokeng.


Ke tla phetha kano eo ke neng ke e etsetse bo-ntata lona, ya hore ke tla ba nea naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, e leng naha ena eo e leng ya lona kajeno.” Nna ka araba, ka re: “A ho be jwalo, Morena!”


Moporofeta Jeremia a re: “A ho be jwalo! Morena a ke a etse jwalo! Morena a phethahatse mantswe a hao, ao o a porofetileng; a ke a kgutlise thepa ya Tempele ya Morena, le bohle ba ileng ba thopuwa, ba kgutle Babilona, ba tle kwano.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’


Ho seng jwalo, ha ho ka ba teng phuthehong motho eo e esong ho be Mokreste, o tla re “Amen!” jwang thapelong ya hao ya teboho, athe ha a utlwisise seo o se bolelang?


Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ