Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:33 - BIBELE

33 kgosi ya re ho bona: “Tsamayang le bahlanka ba monga lona, le qhanehele mora wa ka, Solomone, mmeile wa ka, le theohele le yena Gihone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Morena a ba bolella, a re: Nkang bahlanka ba mong a lona, le kallise Salomone, mora ka, esele ya ka; le mo theosetse Gihone;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:33
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mo palamisa kariking e hlahlamang ya hae, mme batho ba howa, ba re: “Suthang!” Ka mokgwa o jwalo a mmea hodima naha yohle ya Egepeta.


Bahlanka ba Abosalome ba etsa Amanone jwalokaha Abosalome a ba laetse. Bara bohle ba kgosi ba raoha, ba lwabela dimmeile tsa bona, ba baleha.


Bo-moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, ba theoha, ba qhanehela Solomone mmeile wa kgosi Davida, ba mo isa Gihone.


Adoniya, mora wa Hagite, a ipoledisa, a re: “Ho tla rena nna!” A iphumanela dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang, le banna ba ditaaso ba mashome a mahlano, ba mo etellang pele.


Yaba kgosi e bea Benaya, mora wa Jehoyada, hore e be molaodi wa mabotho bakeng sa Joabe; ya bea le moprista Sadoke bakeng sa Abiatare.


Ka lona letsatsi leo ba eja, ba enwa ba nyakaletse haholo, ba le kapele ho Morena. Ba boela ba bea Solomone, mora wa Davida, kgetlo la bobedi, hore e be kgosi; ba mo tlotsetsa Morena, hore e be mmusi e moholo, Sadoke yena e be moprista.


Hesekiya a kgelosa metsi a tswang mohloding wa Gihone kahodimo, a a lebisa tlase, ka bophirimela ho Motse wa Davida, mme a atleha mesebetsing ya hae yohle.


Kamora tsena Manase a haha lerako le potapotang Motse wa Davida kantle, a le haha ka kgohlong, ka bophirimela ho Gihone, la ya fihla Kgorong ya Ditlhapi, la teela Ofele hare, la phahama haholo. Metseng yohle e haheleditsweng ya naha ya Juda a bea balaodi ba mabotho.


“ ‘Le boloke melao ya ka. “ ‘O se ke wa hwedisa diphoofolo tsa hao ka tsa mofuta osele. “ ‘O se ke wa jala mefuta e mmedi ya peo tshimong ya hao, mme o se ke wa apara seaparo se mefuta e mmedi ya masela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ