Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:29 - BIBELE

29 Kgosi ya hlapanya, ya re: “Ka Morena ya phelang, ya mpholositseng ditsietsing tsohle tsa ka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Morena a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ya nnamoletseng tsietsing tsohle,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:29
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”


Kgalefo ya Davida ya tlokomela monna enwa wa morui, a re ho Nathane: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, monna enwa ya entseng ntho ena o lokelwa ke ho bolawa;


Davida a araba Rekabe le ngwanabo Baana, bara ba Rimone wa Mobeerote, a re ho bona: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, ya mpholositeng ditsietsing tsohle,


Kgosi Davida a araba, a re: “Mpitsetseng Batesheba!” Batesheba a kena kamoo kgosi e leng kateng, a ema kapele ho yona.


Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”


Ka Modimo ya phelang, ha ho setjhaba kapa mmuso oo monga ka a sa kang a ya o batla ho wona; ere ha ba re: ‘Ha a yo,’ ebe o hlapantsha mmuso oo kapa setjhaba seo, hore ruri o fela o le siyo.


Ka Morena ya phelang, ya mpeileng, a ba a ntsitsisa teroneng ya ntate, ya Davida, ya ntheetseng lelapa, jwalokaha a ne a tshepise, hona kajeno lena Adoniya o tla bolawa.”


Yaba mma ngwana o re ho Elisha: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Elisha a ema, a latela mosadi eo.


Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana.


Jwale Gehasi, mohlanka wa Elisha, moporofeta wa Modimo, a re: “Monga ka o hauhetse Naamane enwa wa Moarame, ka ho hana ho amohela seo a neng a tlile le sona. Empa ka Morena ya phelang, ke tla matha kamora hae, ke yo nka ho hong ho yena.”


A re phamola ho dira tsa rona; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Leha nka phela hara ditsietsi, wena o baballa bophelo ba ka; letsoho la hao le ntshireletsa bohaleng, bohaleng ba dira tsa ka, letsoho la hao le letona le a mpholosa.


O tla ba lopolla a be lopolle ho ba mamenemene, a ba lopolle le ho ba sehloho, madi a bona e tla ba a bohlokwa, e be a bohlokwa mahlong a hae.


A re ho bona: “Bao e ne e le bana beso, ba tswetsweng ke mme. Ke hlapanya ka Morena ya phelang, hore hoja la se ke la ba bolaya, le nna ke ne nke ke ka le bolaya.”


Ke hlapanya ka Morena ya phelang, yena ya namolelang Iseraele, hore leha e ka ba Jonathane, mora wa ka, ruri o tla shwa.” Empa ha se ke ha eba le ya mong wa setjhaba sohle ya ileng a mo araba.


Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa.


Saule a mamela keletso ya Jonathane, mme a hlapanya, a re: “Ka Morena ya phelang, Davida ha a ka ke a bolawa.”


Jwale ke tla roma moshanyana, ke re ho yena: ‘Tsamaya o yo batla metsu yane.’ Ha nka ka re ho moshanyana eo: ‘Bona, metsu e ka kwano ho wena, e nke!’ jwale wena Davida o tle, hobane ke hlapanya ka Morena ya phelang, kgotso e tla be e le teng, mme o ke ke wa tswa kotsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ