Empa Abosalome a romela bahlohleletsi merabeng yohle ya Iseraele, a re: “Hanghang ha le utlwa modumo wa lenaka, le tle le re: ‘Abosalome o etswa kgosi kwana Heborone!’ ”
Batesheba a re ho kgosi: “Monga ka, wena o ne o hlapanyetse lekgabunyane la hao ka lebitso la Morena Modimo wa hao, wa re: ‘Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, mme a dule teroneng ya ka.’
O entse mahlabelo ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, le ka dinku. O bile o memile le bara bohle ba kgosi, le moprista Abiatare, le Joabe, molaodi wa mabotho, empa ha a ya mema mohlanka wa hao, Solomone.
Adoniya, mora wa Hagite, a ipoledisa, a re: “Ho tla rena nna!” A iphumanela dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang, le banna ba ditaaso ba mashome a mahlano, ba mo etellang pele.